2 Bakorinthe 7:3 - BIBELE Ha ke bue jwalo ho le ahlola. Jwalokaha ke boletse pele, lona le pelong tsa rona ho pheleng le ho shweng. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke rialo ho le nyatsa; hobane ke se ke boletse hore le ka dipelong tsa rona, re be hammoho ho shweng le ho pheleng. Baasraak Sotho NT Ha ke bue sena ho le ahlola; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ke bue sena ho le ahlola; |
Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane?
Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.
Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.
Ka baka leo, leha ke le ngoletse hase ka lebaka la ya entseng hampe, kapa ya entsweng hampe, empa e le hore ho bonahale ho lona, mahlong a Modimo, kamoo le re thahasellang kateng.
Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.
Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.