Ka re ho yena: “O tla dula le nna nako e telele, o sa iketse seotswa kapa mosadi wa monna e mong; kahoo le nna ke tla ba wa hao.”
1 Bakorinthe 7:4 - BIBELE Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi. Baasraak Sotho NT Mosali ha a na matla holim’a ’mele oa hae, empa ke monna; me ho joalo le ka monna ha a na matla ’meleng oa hae, empa ke mosali. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mosali ha a na matla holim’a ’mele oa hae, empa ke monna; me ho joalo le ka monna ha a na matla ’meleng oa hae, empa ke mosali. |
Ka re ho yena: “O tla dula le nna nako e telele, o sa iketse seotswa kapa mosadi wa monna e mong; kahoo le nna ke tla ba wa hao.”
Ke a le bolella hore mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bohlola, a nyala e mong, o a feba.”
Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae.
Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona.