A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo,
1 Bakorinthe 1:4 - BIBELE Kamehla ke leboha Modimo wa ka, ka baka la mohau wa hae, oo le o filweng ka Kreste Jesu, Sesotho 1909/1961 (SO) Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste. Baasraak Sotho NT Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste; |
A re ho bona: “Hase bohle ba amohelang polelo ena, e amohelwa feela ke ba abetsweng jwalo,
empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
“Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,
Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,
Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.
Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.
A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng.
Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.