Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.
Yuda 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le hauhele ba bang ba dikadikang; BIBELE Hauhelang ba qeaqeang; Baasraak Sotho NT Ba bang le be le qenehelo, le etse phapang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang le be le qenehelo, le etse phapang. |
Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.
nka rata hore ke boele ke be teng hara lona, ke tle ke tsebe ho fetola lentswe la ka; hobane ke ferekane ka baka la lona!
Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.
le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.
mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.