Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
Tshenolo 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele. BIBELE “Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele. Baasraak Sotho NT Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele. |
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.
Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.
Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.
Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),
Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;
Hobane, jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele.
Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e jwang e neng e lekantswe ke Moya wa Kreste, o neng o le ho bona, ha o ne o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho a latela.
Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;
Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.
O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.
sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.
Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,
Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.
Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele.
Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le hobane o sitwa ho mamella ba babe, o bile o lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, mme o lemohile hoba ba leshano;
Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.
Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa; hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.
Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.
Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.
Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.