Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.
Tshenolo 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi. BIBELE Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse. Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; |
Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.
Yaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha o fihla Babilona, o tle o bale mantswe ao kaofela;
Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —
A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.
Le tiisetseng teng, kahobane re tseba dinako, hoba e se e le nako ya ho tsoha borokong; hobane haele kajeno, poloko e haufi le rona ho fetisa mohla re dumetseng.
Bosiu bo se bo ya sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
Feela, baratuwa, se lebaleng taba ena e le nngwe, ya hore letsatsi le le leng pela Morena le jwaloka mengwaha e sekete, le hoba mengwaha e sekete e jwaloka letsatsi le le leng.
La eketsa la re ho nna: O se ke wa kwahela ditaba tsa boporofeta ba buka ena; hobane nako ya tsona e se e le haufi.
Bonang, ke phakisa ke etla, mme ke tshwere moputso wa ka, ho putsa e mong le e mong ka ho lekanang diketso tsa hae.
Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.