Tite 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa. BIBELE le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa. Baasraak Sotho NT ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa. |
A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.
Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?
Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.
Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.
Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.
Empa ke rata ha le ka tseba hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste, mme hlooho ya mosadi ke monna, mme hlooho ya Kreste ke Modimo.
Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.
Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.
ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
Bahlanka bohle ba jokong ba lekanye hoba beng ba bona ba loketswe ke hlompho yohle, lebitso la Modimo le thuto di tle di se ke tsa nyefolwa.