Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
Tite 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) ba tle ba hlalefise ba batjha, ba ba rute ho rata banna ba bona, le ho rata bana, BIBELE Ka hona ba tla kgothaletsa basadi ba batjha ho rata banna ba bona le bana ba bona, Baasraak Sotho NT ba tle ba rute basadi ba batjha ho hlaphohelwa, ho rata banna ba bona, le ho rata bana ba bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba tle ba rute basadi ba batjha ho hlaphohelwa, ho rata banna ba bona, le ho rata bana ba bona; |
Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,
Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.
basadi ba hodileng jwaloka hoja ke bommao, ba batjha jwaloka hoja ke bokgaitsedie, ka hlweko yohle.
Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,
ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.