Tite 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bopaki boo ke ba nnete; ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, tumelo ya bona e tle e hloke sekodi; BIBELE Bopaki boo ke ba nnete. Ka lebaka lena o ba kgalemele ka thata, e le hore ba tle ba be le tumelo ya nnete, Baasraak Sotho NT Bopaki bona ke nnete. Ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, ba tle ba phele tumelong; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bopaki bona ke nnete. Ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, ba tle ba phele tumelong; |
Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.
O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.
Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.
le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.
O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.
Bolela taba tseo, mme o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle; ho se ke ha eba motho ya o nyedisang.
Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.