La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Sakaria 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba ke re: O ya kae! A re ho nna: Ke ya lekanya Jerusalema, ke tle ke bone na bophara ba wona le bolelele ba wona bo bokae?

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba ke a mmotsa, ke re: “O ya kae?” Motho eo a araba, a re: “Ke ilo metha Jerusalema, ke tle ke fumane bophara le bolelele ba yona.”

Ver Capítulo



Sakaria 2:2
10 Referencias Cruzadas  

Kgwele ya tekanyo ha e tloha teng, e tla leba lerallaneng la Garebe, mme e pote ho fihlela Gowa.


A ntlisa hona teng; teng ka bona monna eo ponahalo ya hae e neng e ka ponahalo ya koporo, a tshwere kgwele ya line letsohong la hae le thupa ya ho lekanya, a eme monyako.


Haele naha e tla abelwa motse, e tla etsa sebaka se bophara bo ditswe tse kete tse hlano le bolelele bo ditswe tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ho sika le naha e abetsweng sehalalelo; e tla ba naha ya ntlo yohle ya Iseraele.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Bao ba isa efa kae?


Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?


Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.