mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.
Ruthe 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, wa habo Ruthe a re ho Boase: Itopollele yona, a ba a rola seeta sa hae. BIBELE Ka baka leo, eo mong ka yena a re ho Boase: “Wena, ithekele yona.” Yaba o rola moqathatso wa hae. |
mosadi wa ngwanabo o tla mo atamela pontsheng ya baholo, a mo role seeta leotong la hae, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, mme a bolele, a re: Ho etswa jwalo ho monna ya hanang ho haha ntlo ya ngwanabo.
Mehleng ya kgale, mokgwa wa ho lopolla le wa ho anana Iseraeleng, o tiisang taba tsohle, e be e le ona: Motho o ne a role seeta sa hae, a se nee wa habo; e be e le mokgwa wa ho paka hara Iseraele.
Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone;