Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.
Ruthe 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Naomi o re: Dula, moradi wa ka, o be o tsebe kamoo taba ena e tla etsahala kateng; hobane monna eo a ke ke a lesa taba eo, a sa e phethe kajeno. BIBELE Yaba Naomi o re: “Ako mamelle, ngwanaka, o bone hore na ho tla ba jwang. Boase a ke ke a phomola moyeng ho fihlela taba ena e loka hona kajeno.” |
Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.
Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.
Hape a re: Tekanyo tseo tse tsheletseng tsa harese o nneile tsona, ka ho re: O se ke wa kgutlela ho matsalao o le feela.
Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.