Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.
Numere 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha e mong ho lona le ho meloko ya lona a silafetse ka baka la mofu, kapa a etetse hole, o tla etsetsa Jehova Paseka. BIBELE “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka. |
Setjhaba se seholo sa phuthehela Jerusalema ho etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso, ka kgwedi ya bobedi; ya eba phutheho e kgolo haholo.
Hobane ba bangata hara setjhaba, haholo Baefraime le Bamanasse, le Baissaskare le Basabulone, ba ne ba sa ka ba itlhwekisa, mme ba eja Paseka, ka mokgwa o fapaneng le o ngodilweng. Empa Esekiase o ne a ba rapeletse, a re: Wena, Jehova, o leng molemo, o tshwarele bohle
hobane morena le mahosana le phutheho yohle ba ne ba rerile Jerusalema morero wa ho etsa Paseka ka kgwedi ya bobedi.
Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang;
siya kabelo ya hao moo, pela aletare, o ye ho boelana le ngwaneno pele, o ntano tla hlahisa kabelo ya hao.
Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise.
Motho ka mong a ke a itekole ke hona, mme jwale e be hona a jang bohobe bona, a nwelang senwelong sena.