o di bee kaofela ha tsona diatleng tsa Aarone, le diatleng tsa bara ba hae, mme o di tsokotse pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang;
Numere 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang, BIBELE Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang. |
o di bee kaofela ha tsona diatleng tsa Aarone, le diatleng tsa bara ba hae, mme o di tsokotse pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang;
Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.
Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.
O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;
hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.