Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.
Numere 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang; BIBELE O emise Balevi kapele ho Arone le bara ba hae, o nyehele ka bona ho Morena, e le nyehelo e akgotswang. |
Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.
Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.
Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.
Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.
Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.
ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.