Mokeke o mong le o mong e ne e le wa dishekele tse lekgolo le mashome a mararo tsa silefera; morifi o mong le o mong e ne e le wa tse mashome a supileng; silefera yohle ya dipitsa tseo ya eba dishekele tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mane, e leng dishekele tsa sehalalelo.
Boima ba mokeke o mong le o mong e ne e le kilo e le nngwe le halofo; ba sekotlolo se seng le se seng e le dikeramo tse makgolo a robedi. Boima ba silefera ya dijana kaofela e ne e le kilo tse mashome a mabedi a metso e supileng le dikeramo tse mashome a tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.
e le ditalenta tsa kgauta tse dikete tse tharo, tsa kgauta ya Ofire, le ditalenta tsa silefera e hlwekileng tse dikete tse supileng, ho tle ho manehuwe mabota a matlo:
ba ntshetsa tshebeletso ya ntlo ya Modimo ditalenta tsa kgauta tse dikete tse hlano tse nang le didarike tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa silefera tse dikete tse leshome, le ditalenta tsa koporo tse dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, le ditalenta tsa tshepe tse dikete tse lekgolo.
Dikabelo tsa ho kgakola aletare, tse tlisitsweng ke marena a Iseraele mohla e tlotswang, ya eba tse kalo: Mekeke e leshome le metso e mmedi ya silefera, le merifi e leshome le metso e mmedi ya silefera, le dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta.
Dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta, tse tletseng dibano, e nngwe le e nngwe e ne e le ya dishekele tse leshome tsa sehalalelo; kgauta yohle ya dipitsa tseo ya eba dishekele tse lekgolo le mashome a mabedi.