Ke tla o hlahisetsa ditjheso tsa nku tse nonneng, le monko wa mafura a dipheleu, ke o hlabele dipohwana le diphooko. (Sela.)
Numere 7:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) le pitsa ya kgauta ya dishekele tse leshome, e tletseng dibano; BIBELE Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso. |
Ke tla o hlahisetsa ditjheso tsa nku tse nonneng, le monko wa mafura a dipheleu, ke o hlabele dipohwana le diphooko. (Sela.)
Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.
Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le mashome a mararo; le morifi wa silefera wa dishekele tse mashome a supileng, e leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;
Bongata bohle ba setjhaba bo ne bo eme kantle, bo rapela nakong eo ho tjheswang dibano ka yona.
Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.