Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.
Numere 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa. BIBELE “ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa. |
Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.
Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa, o tla beola mohwete wa hae kaofela; a beole sehlotho sa hae, le ditedu, le dintshi, mohwete wa hae kaofela; o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae ka metsi; o tla hlweka jwalo.
Monasari o tla beola hlooho e kgethehileng ya hae monyako wa tente ya pokano; o tla nka moriri wa hlooho e kgethehileng ya hae, mme a o kenye mollong o katlasa sehlabelo sa teboho.
Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.
Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,