Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.
Numere 32:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, le ho moprista Eleasare, le ho marena a phutheho, ba re ho bona: BIBELE Bara ba Gade le bara ba Rubene ba fihla ho Moshe le ho moprista Eleasare, le ho baholo ba setjhaba, ba re: |
Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.
Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.
ke tla ba leleka pela bana ba Iseraele; feela, o nne o abe dinaha tseo ka ho di laola ka lotho, e be lefa la Baiseraele, jwalokaha ke o laetse. O abe naha eo, e be lefa la meloko e robileng mono o le mong hammoho le la mothapo o mong wa leloko la Manasse.
Ke wona mokgwa oo bana ba Iseraele ba laoletsweng Balevi ka wona metse eo le meraka ya yona, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.
Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.