Numere 3:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Moshe: Ngola mabitso wohle a matsibolo a matona a bana ba Iseraele, ho qala ka ya nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ya fetang moo, o nke palo ya mabitso a wona. BIBELE Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona. |
E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;
Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.
O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.
O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.
O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.
Leha ho le jwalo, le se ke la thaba kahobane le hlola meya, haholo le thabe kahobane mabitso a lona a ngodilwe mahodimong.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.
phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,
Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.
Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.