Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.
Numere 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Nadabe le Abihu ba eshwa pela sefahleho sa Jehova, lefeelleng la Sinai, mohla ba hlahisitseng mollo osele pela sefahleho sa Jehova; ba ne ba se na bara; ke ka baka leo boEleasare le Ithamare ba kileng ba tshwara boprista pela Aarone, ntata bona. BIBELE Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng. |
Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.
Ha tswa mollo ho Jehova, wa timeletsa banna bao ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba neng ba hlahisa dibano.
Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.