O tla le fanyeha ditshiyeng tse nne tsa sefate sa leoka, tse manehilweng ka kgauta, tse nang le dikgoketsane tsa tsona tsa kgauta; hape di hlomelwe didulwaneng tse nne tsa silefera.
Numere 3:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Merari ba ne ba beilwe ho boloka dipolanka tsa tabernakele, le mekwallo ya yona, le ditshiya tsa yona, le dilulwana tsa yona, le mesebetsi yohle ya yona; BIBELE Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona; |
O tla le fanyeha ditshiyeng tse nne tsa sefate sa leoka, tse manehilweng ka kgauta, tse nang le dikgoketsane tsa tsona tsa kgauta; hape di hlomelwe didulwaneng tse nne tsa silefera.
Lesela leo o tla le etsetsa tshiya tse hlano tsa leoka, tseo o tla di maneha ka kgauta, tse nang le dikgoketsane tsa tsona tsa kgauta, mme o di etsetse didulwana tse hlano tsa koporo.
e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
la etsetswa tshiya tse nne tsa sefate sa leoka, mme tsa manehwa ka kgauta; tsa eba le dikgoketsane tsa kgauta, mme tsa tshollelwa didulwana tse ne tsa silefera.
Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
Morena wa ntlo ya bontata matlo a Merari, e ne e le Tsuriele, mora Abihaile. Ba ne ba hloma tente tsa bona mabapa le tabernakele, ka nqa leboya.
le ditshiya tsa lebala le teetseng tabernakele hare le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa yona le dikgwele tsa yona.
a nea bara ba Merari, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mane le dipholo tse robileng meno e le mmedi; ba ne ba le pusong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.