Numere 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe. BIBELE Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate. |
Ho Bahebrone, Hashabia le banababo, banna ba bohale ba sekete se nang le makgolo a supileng, ba bewa bahlahlobi ba Baiseraele ba mose o kwano ho Jordane, ka nqa bophirimela, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Jehova le mesebetsi ya morena.
Yaba o re ho nna: Kamore eo e tadimileng nqa borwa ke ya baprista ba lebelang ntho tsa ntlo;
le masela a lebala, le lesira la monyako wa lebala le teelang tabernakele le aletare hare ka nqa tsohle, le dikgwele tsa tente le tsa mesebetsi yohle ya yona.
Ha ho balwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse robileng meno e le mmedi, tse nang le makgolo a tsheletseng, ba baballang dintho tsa sehalalelo.
A ho ke ho balwe bara ba Kehathe, ba kgethwe ha bara ba Levi, mme ba ngolwe ka matlo a bona le ka matlo a bontata bona,
Ba bang bana ba Kehathe ba abelwa metse e leshome matlung a leloko la Efraime, le lelokong la Dane, le mothapong o mong wa leloko la Manasse.