Numere 26:42 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Dane ke bana ka matlo a bona: ka Shukame ho hlahile ntlo ya Bashukame. Ke wona matlo a Badane, ka matlo a bona. BIBELE Bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, ke Shuhame, ya tswetseng morabe wa Shuhame. Bana ke bara ba Dane, ho ya ka malapa abo bona, |
Ho bara ba Dane, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Ke bona bara ba Benjamine ka matlo a bona, le ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano tse nang le makgolo a tsheletseng.
Bashukame ka matlo wohle a bona le ka palo ya bona, ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng a metso e mene tse nang le makgolo a mane.