La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Baiseraele ba ikana ho Jehova, ba re: Ha o neela setjhaba seo matsohong a rona, re tla neela metse ya bona anathema.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Iseraele o a hlapanya, o re ho Morena: “Ruri haeba o ka mpha matla a ho hlola setjhaba sena, ke tla ripitla metse ya sona ho hang.”

Ver Capítulo



Numere 21:2
15 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;


Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


le kamoo a hlapantseng ho Jehova kateng, le kamoo a anneng ho Modimo o matla wa Jakobo kateng,


Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).


teng o bolaye ruri ba ahileng motseng oo ka bohale ba lerumo, mme o o neele anathema, le dintho tsohle tse ho wona; esita le dikgomo tsa teng di bolawe ka bohale ba lerumo.


O tla bokella thepa yohle ya wona kahara lepatlelo, mme o tla tjhesetsa Jehova, Modimo wa hao, motse oo, le mesebetsi ya wona yohle, e tla nne e be qubu ya dithako kamehla, tse ke keng tsa boela tsa hahuwa.


Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Mohlang oo, Joshua a hlapanya, a re: Ho rohakwe pela Jehova motho ya tla tsosa le ho haha motse ona wa Jeriko; o tla o thea ka ho senyehelwa ke mora hae wa letsibolo, o tla tiisa dikgoro tsa wona ka ho senyehelwa ke mora hae wa ho fela.


Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.