A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.
Numere 19:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista Eleasare o tla nka madi a sethole ka monwana, mme o tla foka wona hasupa ka nqa kapele ho tente ya pokano. BIBELE Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena. |
A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.
o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.
moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme o tla foka hasupa pela Jehova, malebana le lesira;
Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo.
ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.
ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.