Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.
Numere 1:36 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo. BIBELE Ha balwa bana ba Benjamine ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. |
Ra re ho morena rona: Re na le ntata rona, motho ya tsofetseng, le ngwana ya mo hlahetseng botsofading ba hae, e monyenyane: ngwanabo o shwele, mme ke yena ya setseng wa mmae a nnotshi, mme ntatae o a mo rata.
Bara ba Benjamine: Bela, le Bekere, le Ashbele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Muppime, le Huppime, le Arde.
Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.
Lelokong la Benjamine, e ne e le senatla Eliada, a ena le ba dikete tse makgolo a mabedi ba hlometseng seqha le thebe;
Ba ngotsweng ba leloko la Manasse ya eba dikete tse mashome a mararo a metso a mmedi, tse nang le makgolo a mabedi.
Ba ngotsweng ba leloko la Benjamine ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e mehlano, tse nang le makgolo a mane.
ba leloko la Sabulone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Josefa ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Benjamine ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.
Tsatsing lona leo, bana ba Benjamine, ba tswileng metseng ya bona, ba balwa, ya eba banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ba pshemolang sabole, kantle ho ba ahileng Gibea, bao e neng e le banna ba dinatla ba makgolo a supileng, ha ba balwa.