La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 1:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho bara ba Sabulone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha balwa bana ba Sebulone ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo.

Ver Capítulo



Numere 1:30
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).


Bara ba Sabulone: Serede, le Elone, le Jahleele.


Sabulone o tla ahella lebopong la lewatle; o tla ba phihlelong ya dikepe, mme meedi ya hae e tla tshwara ho isa Sidone.


Ba ngotsweng ba leloko la Issaskare ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e mene, tse nang le makgolo a mane.


Ba ngotsweng ba leloko la Sabulone ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane.