A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).
Numere 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bara ba Simeone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng. BIBELE Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. |
A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).
Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.
Bara ba Simeone: Jemuele, le Jamina, le Ohade, le Jakine, le Tsohare, le Saule, mora wa mosadi wa Mokanana.
Ba ngotsweng ba leloko la Rubene ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.
Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.
ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;