Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
Nehemia 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ba romela manqosa, ka re: Ke tshwerwe ke mosebetsi o moholo, ke sitwa ho theoha; nka emisetsang mosebetsi ka ho o tlohela le ka ho theohela ho lona? BIBELE Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?” |
Yaba ke bea balebedi sephitshaneng se kamora lerako, dibakeng tse ahlameng; ka bea setjhaba teng ka masika a sona, ba ena le disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona.
Sanballate le Gesheme ba romela ho nna, ba re: Tloo, re teane le wena metseng ya sekgutlo sa Ono. Athe ba ne ba rerile hore ba tla nntsha kotsi.
Ba nthomela taba eo e le nngwe makgetlo a mane, mme le nna ka nna ka ba romela karabo e le nngwe.
Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.