Bara ba Hanania ke Pelethia le Esaia; hape, ke bara ba Rafaia, le bara ba Arnane, le bara ba Obadia, le bara ba Shekania.
Nehemia 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho ne ho le batho ba bangata ba Juda ba neng ba ikopantse le yena ka kano, kahobane e ne e le mokgwenyana wa Shekania, mora Arake; mme mora hae Johanane o ne a nyetse moradi wa Meshullame, mora Berekia. BIBELE Ba bangata, ba naheng ya Juda, ba ne ba entse selekane le Tobiya, hobane e ne e le mokgwenyana wa Shekaniya, mora wa Arake. Mora wa hae, ya bitswang Johanane, o ne a nyetse moradi wa Meshulame, mora wa Berekiya. |
Bara ba Hanania ke Pelethia le Esaia; hape, ke bara ba Rafaia, le bara ba Arnane, le bara ba Obadia, le bara ba Shekania.
Kapele ho eo, Hanania, mora Shelemia, le Hanune, mora wa botshelela wa Tsalafe, ba lokisa sekoto se seng. Kapele ho bona, Meshullame, mora Berekia, a lokisa maloka le kamore ya hae.
Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;
Hape, mehleng eo, ho ne ho na le baholo ba bang ba Juda ba neng ba romela mangolo a mangata ho Tobia, ba boele ba fihlelwe ke mangolo a Tobia.
Hape, ba ne ba mmolela ka taba tse ntle pela ka; ba ne ba mo sebela dipolelo tsa ka; mme Tobia o ne a romela mangolo ho ntshabisa.