Nehemia 3:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho eo, Malkija, setei sa kgauta, a lokisa ho ya fihla matlung a Banethinime le a bahwebi, maloka le monyako wa Hammifkade, le ho ya fihla kamoreng e phahameng ya kou. BIBELE Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako. |
Kapele ho eo, Hanania, mora Shelemia, le Hanune, mora wa botshelela wa Tsalafe, ba lokisa sekoto se seng. Kapele ho bona, Meshullame, mora Berekia, a lokisa maloka le kamore ya hae.
Mahareng a kamore e phahameng ya kou le monyako wa Dinku, ha lokisa ditei tsa kgauta le bahwebi.
Mabapa le bona, ha lokisa Ussiele, mora Harhaia, setei sa kgauta; mabapa le yena, ha lokisa Hanania, e mong wa baetsi ba dinoko. Ba lokisa lerako la Jerusalema jwalo, ho isa lerakong le sephara.