Kahoo, bahwebi le ba rekisang ka mesebetsi e mefuta yohle, ba hlola bosiu kantle ho Jerusalema, hang kapa habedi.
Nehemia 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha. BIBELE Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha. |
Kahoo, bahwebi le ba rekisang ka mesebetsi e mefuta yohle, ba hlola bosiu kantle ho Jerusalema, hang kapa habedi.
ka re ho bona: Menyako ya Jerusalema e se ke ya bulwa haese ha letsatsi le se le futhumetse; ha lona le sa ntsane le eme teng, ho ke ho kwalwe menyako, mme e tiiswe ka mekwallo; ba ahileng Jerusalema le ba etse balebedi, e mong le e mong sehlopheng sa hae, e mong le e mong maloka le ntlo ya hae.
Etlare ha le kotula naheng ya lona, o se ke wa qetela ho kotula lehlakore le leng la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonaka se ka kgwahlapiswang. O tla se tlohella bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
Ho lona e tla ba Sabatha, letsatsi la phomolo; le tla hlomola meya ya lona; ho tloha mantsiboya a letsatsi la boroba mono o le mong ho isa mantsiboya a le hlahlamang, le tla boloka Sabatha ya lona.
Athe letsatsi leo ya be e le Sabatha. Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara diphate tsa hao.