Nehemia 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Elellwa hle lentswe leo o kileng wa le laela mohlanka wa hao Moshe, wa re: Etlare ha le ikgantsha, ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba! BIBELE “Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: ‘Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba. |
Ke tla o qhalanyetsa ditjhabeng, ke o hasanyetse naheng tse ngata, ke be ke hlakole ditshila tsohle tse ho wena;
Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.
Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.
Jehova o tla o qhalanyetsa hara ditjhaba tsohle, ho qala pheletsong e nngwe ya lefatshe, ho isa ho e nngwe; mme teng o tla sebeletsa medimo esele, e sa kang ya tsejwa ke wena le ke bontatao, e leng medimo e entsweng ka mahong le ka majwe.