La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ka baka leo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; hobane ke wona molao le baporofeta.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ka baka leo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; hobane ke wona molao le baporofeta.

Ver Capítulo



Mattheu 7:12
19 Referencias Cruzadas  

Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.


O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha.


Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.