Mattheu 5:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano. BIBELE “Le utlwile hape hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo: ‘O se ke wa ikana ka leshano, o mpe o phethe dikano tsa hao ho Morena.’ Baasraak Sotho NT Hape, le utloile hore ho itsoe ke batho ba boholo-holo: U se ke ua hlapanya, u mpe u phethe likano tsa hao ho Jehova. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape, le utloile hore ho itsoe ke batho ba boholo-holo: U se ke ua hlapanya, u mpe u phethe likano tsa hao ho Jehova. |
Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.
O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.
Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.
Le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa bolaya; mme, ya bolaileng o tla tshwanelwa ke kahlolo.
Etlere ha o itlamile ka kano ho Jehova, Modimo wa hao, o se ke wa dieha ho e phetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla e botsa ho wena, mme sebe se tla ba teng ha o ka dieha.
Se boletsweng ke melomo ya hao, o se hopole, o se etse kamoo o itlamileng ho Jehova kateng, Modimo wa hao, e be mpho ya boithatelo ba hao, e boletsweng ke melomo ya hao.
O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao; hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso hae.
le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,