Jehova a na a kgahliswa ke ho bea molao o moholo o makgethe, ka baka la ho loka ha hae.
Mattheu 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la hloma ekaba ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; ha ke a tla ho fedisa, ke mpa ke tlile ho phetha. BIBELE “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa. Baasraak Sotho NT Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa molao, leha e le baporofeta; |
Jehova a na a kgahliswa ke ho bea molao o moholo o makgethe, ka baka la ho loka ha hae.
Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.
Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.
ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.
Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;
ho loka ha molao ho tle ho phethwe ka ho rona ba sa tsamayeng ka nama, re mpang re tsamaya ka moya.