Mattheu 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balebedi ba thothomela ke ho le tshoha, ba eba jwaloka bafu. BIBELE Balebedi ba thothomela ke ho tshaba, ba eba jwaloka bafu. Baasraak Sotho NT Ka baka la ho o tshaba, balebedi ba thothomela, ba eba jwaloka bafu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka la ho o tshaba, balebedi ba thothomela, ba eba jwaloka bafu. |
Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.
Hobane ba tlohe, ba bang ho balebedi ba tla hae motseng, ho behela baprista ba baholo tsohle tse hlahileng.
Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa.
Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.
Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.
Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.