Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?
Mattheu 27:56 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea. BIBELE hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo le Josefa, le mohatsa Sebedea. Baasraak Sotho NT Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea. |
Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?
Eitse qetellong ya Sabatha, ha letsatsi le qalang veke le tla tjhaba, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla bona lebitla.
[Jesu ha a tsohile kameso ya letsatsi le qalang veke, a itlhahisa pele ho Maria Magdalena, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.
Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona.
le basadi ba bang, ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: e le Maria, ya bitswang Magdalena, eo batemona ba supileng ba neng ba tswile ho yena;
Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu.
Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.
Maria Magdalena a tla, a bolella barutuwa hore o bone Morena, le hore o mmoleletse taba tseo.