Mattheu 27:48 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba e mong wa bona o phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa. BIBELE E mong wa bona a phakisa a matha, a nka semonyametsi, a se kenya aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe. Baasraak Sotho NT E mong wa bona a phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se bea hodima lehlaka, a mo nosa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E mong wa bona a phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se bea hodima lehlaka, a mo nosa. |
ba mo nea asene e tswakilweng ka nyooko, hore a nwe; empa hobane a e latswe, a hana ho nwa.
Yaba e mong o a matha, mme hobane a tlatse seponse ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa, a re: Lesang, re ke re bone ha ekaba Elia o tla tla mo fanyolla.