La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 27:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa dihlooho, ba re:

Ver Capítulo

BIBELE

Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho.

Ver Capítulo



Mattheu 27:39
18 Referencias Cruzadas  

Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.


Le nna, ke ne nka bua jwaloka lona, hoja le dutse ditulong tsa ka; nka be ke loha ditaba hodima lona, ka oma ka hlooho ho lona;


Ha ba sa itshwara, ba nkokobetsa; ba ineetse ho bua tsohle pela ka.


Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha;


Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona.


Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna.


Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.


Na hase letho, lona kaofela ba tsamayang ka tsela? Lemohang, le bone ha bohloko bo ka ba teng bo jwaloka bohloko boo ke hlahetsweng ke bona, boo Jehova a ntlhomodisang ka bona tsatsing la kgalefo e tjhesang ya hae?


Jwale, ba thakgisa le yena disenyi tse pedi, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Ba mo nyefola le ka ditaba tse ding tse ngata, tseo ba mo hlabang ka tsona.