Mattheu 27:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe! BIBELE A re: “Empa o entse bobe bofe?” Ba eketsa ba howa, ba re: “A thakgiswe!” Baasraak Sotho NT Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe! |
Pilato a re ho bona: Mme Jesu, ya bitswang Kreste, yena ke mo etse jwang na? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!
Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.
Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.
Moferefere ha o tota, molaodi wa sekete a tshaba hore ba tla harola Pauluse, mme a laela bahlabani hore ba theohele, ba mo hlwibile hara bona, le ho mo kgutlisetsa qhobosheaneng.
Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho.