Ithuteng ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.
Mattheu 24:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako. BIBELE Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako. Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo, etlare ha le bona ntho tseo tsohle, le tsebe hore o haufi, o monyako. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo, etlare ha le bona ntho tseo tsohle, le tsebe hore o haufi, o monyako. |
Ithuteng ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.
Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.
Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.