Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.
Mattheu 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka diketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse. BIBELE Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona; empa le se ke la etsa ka diketso tsa bona; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona; empa le se ke la etsa ka diketso tsa bona; |
Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.
Ekare ha o ka etsa taba ena, mme Modimo ha o ka o laela yona, o tla tseba ho tiya, le setjhaba sena kaofela se tla finyella nqalong ya sona ka kgotso.
A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya.
Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana.
Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.
Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.
Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.
Wena, atamela, o mamele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bua, mme wena o tle o re phetele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla o bolella tsona, mme re tla di mamela, re di etse.
ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.
Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.