Haele wena, Esdrase, ka bohlale ba Modimo wa hao boo o nang le bona, o ke o bee baahlodi le bahlahlobi ba ahlolang setjhaba sohle se mose wane ho noka, e leng bohle ba tsebang melao ya Modimo wa hao; haele e mong le e mong ya sa e tsebeng, le mo rute yona.
E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.
a re: Phemang bangodi, ba ratang ho itsamaela ka dikobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong; ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng, le ditulo tse kapele meketeng.