Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Mattheu 22:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Melao e mmedi eo ke motheo wa molao wohle le wa baporofeta. BIBELE Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.” Baasraak Sotho NT Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile molao oohle le baprofeta. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile molao oohle le baprofeta. |
Mme jwale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lona; hobane ke wona molao le baporofeta.
Hobane melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa lakatsa ntho ya e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akareditswe ke polelo ena e reng: Rata wa heno, jwalokaha o ithata.
Hobane molao wohle o phethahetse tabeng e le nngwe, e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;
Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.