La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 22:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare ha ba utlwa taba eo, ba makala, ba mo tlohela, ba ikela.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba hlollwa, ba mo tlohela, ba ikela.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba hlollwa, ba mo tlohela, ba ikela.

Ver Capítulo



Mattheu 22:22
10 Referencias Cruzadas  

Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Mme bongata ha bo utlwa hoo, ba tsota thuto ya hae.


Ha ho a ka ha eba motho ya tsebileng ho mo araba letho, mme haesale mohlang oo, ha ho a ka ha hlola ho eba ya betileng pelo ho mmotsa.


Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.


Jwale ba rata ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata; hobane ba ne ba tseba hore o lekantse bona ka setshwantsho seo. Ba mpa ba mo tlohela, ba ikela.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Ba mpa ba sitwa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moya oo a buang ka wona.


Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.