Mattheu 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Mora motho o tlile ho pholosa ho timetseng. BIBELE Mora Motho o tlile ho pholosa se neng se lahlehile. Baasraak Sotho NT Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Mora motho o tlile ho pholosa se timetseng. |
A mpa a araba, a re: Ha ke a romelwa ho motho, haese ho dinku tsa ntlo ya Iseraele tse timetseng.
Ana taba ena e jwang ho lona? Ha motho a ena le dinku tse lekgolo, mme e nngwe ho tsona ha e lahlehile, ha ke re, o tla tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong dithabeng, a ye ho batla e lahlehileng na?
Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang.
Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.
Hobane Mora motho o tlile, e seng ho timetsa meya ya batho, empa e le ho e pholosa. Ba ntoo fetela motsaneng o mong.
Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.
Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe.
Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatshe le bolokwe ke yena.
Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.