Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?
Mattheu 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba, mme a re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, na le hakanya kahare ho lona hoba ke rialo, kahobane le sa ka la nka mahobe na? BIBELE Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’ Baasraak Sotho NT Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu ha a di tseba, a re ho bona: “Lona ba tumelo e nyenyane! |
Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?
Modimo ha o apesa jwalo jwang ba naha, bo bang teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa, lona batho ba tumelo e nyenyane?
A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.
Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.
Jwale, re a lemoha hobane o tseba tsohle, mme ha o a tshwanelwa ke ho botswa letho ke motho; ke ka baka leo re dumelang hobane o tswa ho Modimo.
Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.
Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.