La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 15:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ana moo, feelleng, re ka nka kae mahobe a ka lekanang ho kgorisa bongata bo bokalo?

Ver Capítulo

BIBELE

Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Re ka nka kae mahobe a kaalo feelleng, a ka kgorisang letshwele le kalo?

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Barutuwa ba hae ba re ho yena: Re ka nka kae mahobe a kaalo feelleng, a ka kgorisang letshwele le kalo?

Ver Capítulo



Mattheu 15:33
9 Referencias Cruzadas  

Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Jesu a re ho bona: Le na le mahobe a makae? Ba re: A supileng, le dihlapinyana di se kae.


A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?


Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!